Folk Tale

Phokojwe le lekgwaba

Translated From

The fox and the crow

LanguageEnglish

Other Translations / Adaptations

Text titleLanguageAuthorPublication Date
Impungutye nonomyayiXhosa__
Die jakkals en die kraaiAfrikaans__
De vos en de kraaiDutchMaarten Janssen_
Nhlati na wukuwukuTsonga__
Phokojwe le legakabeTswana__
Impungushe negwababaZulu__
Phukubje le legokobuPedi__
Imphisi nelihhwabayiSwati__
Fokhisi na funguvhuVenda__
IPungutjha kanye negwababaSouth Ndebele__
ATU57
LanguageSouthern Sotho
OriginGreece

Mohlomphehi Reynard Phokojwe o ile a bona Lekgwaba le fofa ka kase molomong le dula lekaleng la sefate.

"Ke ya ka eo, ke nna Phokojwe," Ho bua Mohlomphehi Reynard, a tsamaya a ya kutung ya sefate.

“Dumelang, Mofumahadi Lekgwaba” a hoa. ”O shebahala o le motle hakaakang kajeno”masiba a hao a phatshima, mahlo a hao a benya taemane. Lentswe la hao le tlamehile le be monate ho feta mantswe a dinonyana tse ding. Ha nke ke utlwe pina e le nngwe feela eo o ka mpinelang yona, hore ke tsebe ho o bitsa Mofumahadi wa dinonyana tse ding.

Lekgwaba le neng le sa tsebe ho bina hantle, le ile la phahamisa hlooho la tiisa kodu moo le lekang ho bina ha monate. Empa e ile ya re hanghang ha a ahlamamisa molomo, kase ya wela fatshe. Mohlomphehi Reynard a e phamola hanghang.

“Sena se tla loka,” a bolela. “Sena ke seo ke neng ke se labalabela.”

A tadima Lekgwaba a re “ hobane ke nkile kase ya hao, ke tla o neha keletso e tla o thusa nakong e tlang. “O se tshepe batho bana ba buang haholo ba babatsa ntho di sa fele.”


Text view