Folk Tale

Linyamatsane

AuthorE. Jacottet
Book TitleThe Treasury of Bas-Suto Lore
Publication Date0
LanguageSouthern Sotho
OriginSouth Africa

Ba re e ne e re e le mosali, a re ho monna oa hae : Hojane ua nthata, u ka ea mpolaela nyamatsane, ua ntša sebete sa eona, ka se ja ; ke tla bona hobane ua nthata, ha u ka etsa joalo. Eaba o re ho eena : U phehe bohobe, joale u o fale bohoho, u bo tlatse mokotlana. Joale mosali enoa a 'na a fala bohoho ka matsatsi, a bo tsela mokotlaneng ka matsatsi. Mokotlana oa ba oa tlala haholo. Joale a tsebisa monna oa hae, a re : Kajeno mokotlana o tletse. Eaba monna oa hae o re : Joale ke tsamaea,. ke ea bolaea nyamatsane.

Joale a tsamaea, a nka leeto le lelelele ho ea batla linyamatsane. A 'na a tsamaea, a ja bohoho bona, a ba a fihla hole moo linyamatsane li leng teng tse ngata, mohlakeng o moholo moo li lulang teng. A fumana linyamatsane li le sieo, li alohetse hole, li siile leqheku la nyamatsane hae. Eaba monna eo o fihla kapele, a boiaea leqheku leo, a le bua, a ntša sebete ka-pele-pele; a ba a etsa mokotlana ka leqheku lena, a kena ka hare ho lona.

Tsa fihla, tsa tla, tsa nyoloha, li hopotse ho nkhono'a tsona.

Ha li fihla, li re : Senthu se nkha kae ? Li pota-pota, li boela li re : Senthu se nkha kae ? Joale leqhekoana la re : Che, bana ba ka, ha ho senthu. Empa tsona tsa re : Senthu se nkha kae ? Joale tsa khutsa, tsa robala. Hosasa tsa tsoha li ea sela.

Ka hobane li ne li belaela, tsa re: Nkhono, ha re tsamaeeng, re ee ho sela. Joale li ne li ja majoana. Joale monna enoa a 'na a inama le eena, a thola majoana ; joale a 'na a ja bohoho ka mokotlaneng oa hae. Joale tsa kholoa hobane e fela e le nkhono'a tsona. Joale tsa boela tsa robala hape. Hosasa tsa re : Ha re tsamaeeng ho tlōla lengope le leholo. Tsa fihla, tsa tšethema kaofela, tsa re : Le uena, nkhono, tšethema. A tšethema. Joale tsa lesa ho belaela. Joale tsa boela tsa nka leeto le lelelele la ho ea hole ; tsa mo siea hae.

Joale eaba monna enoa o ntša sebete sa nyamatsane moo a se patileng teng. Eaba o tsoa ka lekokong lena la nyamatsane, a ipha linaha. Eaba o nka lejoe la morallana, le boreletsana, a le boloka ka mokotleng oa hae le sona sebete sa nyamatsane. Tsa nyoloha linyamatsane, li hopotse ho nkhono'a tsona hae. Joale eitse ha li fihla, tsa fumana hobane nkhono'a tsona o shoele, hoba ke lekoko feela. Tsa e-ba bohale, tsa re ho tse ling : Lea bona, re ne re bolele, ra re : Na senthu se nkha kae ?

Joale tsa utloa mohlala oa hae, tsa mo sala morao. Eitse ha a se a le hole, a reteleha, a bona lerōle le lesesane le hlabile holimo, a re : Jo ! ke linyamatsane, li tla mpolaea kajeno. Tsa tla, tsa 'na tsa tla ka lebelo le leholo, tsa ba tsa 'mona ha li le haufi le eena. Eaba o ntša lejoe lena la morallana mokotlaneng, a le akhela fatse, ha a li bonela haufi. Eaba le fetoha thaba e boreletsana; eaba o hloa holim'a eona. Tsa rata ho hloa, empa tsa sitoa, tsa thella. Tsa leka letsatsi kaofela ; tsa sitoa ho hloa, tsa ba tsa khathala, tsa robala teng.

Joale monna eo, bosiu ha li robetse, a tsoha, a tsamaea, a tsamaea haholo sebaka se selelele. Tsa tsoha, tsa fumana hobane otsamaile; tsa utloa mohlala oa hae, tsa o fofonela ka linko, tsa mo latella, li ntse li matha ka lebelo le leholo. Tsa ba tsa fihla haufi le eena hape ; a 'na a li talima. Eitse ha a li bonela haufi, a ntša lejoe ka mokotlaneng, a le akhela fatše, la fetoha thabana, a hloa holim'a eona. Eaba lia fihla, tsa rata ho hloa holimo, tsa sitoa joale ka pele. Tsa leka letsatsi lohle, tsa ba tsa robala teng hape la bobeli.

A boela a tsoela pele hape-hape, a 'na a tsamaea, li sa robetse linyamatsane. Eare ha a sa le hole, sebaka se selelele, tsa tsoha, tsa boela tsa fofonela, tsa mo sala morao. Tsa 'na tsa ea, tsa mo sala morao, tsa ba tsa mo fihlela. Eare ha a li bonela haufi le eena, a ntša lejoe lena ka mokotlaneng, a le akhela fatše ; la fetoha thabana, a hloa holim'a eona, a lula teng. Joale ha li fihla, tsa rata ho hloa, tsa sitoa. Tsa pota thabana ho batla khoro, tsa ba tsa khathala, tsa robala teng.

Eare bosiu bo boholo, ha li robetse hape la boraro, a theoha, a tsamaea, a tsamaea, a hahola masaba-saba ka matla a maholo, hore a iphe sebaka sa ho ea hae. Eitse ha a le hole, tsa tsoha, tsa fofonela hape ka linko, tsa sala mohlala oa hae morao. Tsa tsamaea. A boela a reteleha, a bona lerōle le hlabile holimo, a re : A 'na eloa ! ke jele khomo ea molatelle. A tsoela pele leetong la hae, ha a se a tsotile. Tsa 'na tsa tla, tsa ba tsa fihla. Eitse ha a li bonela haufi, a ntša lejoe mokotlaneng, a le akhela fatse, la fetoha thabana, a hloa holim'a eona. Tsa fihla li halefile haholo, tsa pota thabana ka matla, tsa e pota letsatsi lohle, li rata ho 'molaea. Empa tsa sitoa.

Joale li se li tsamaile ka litsiu tse ngata ; tsa robala li khathetse haholo, hobane li tsamaile halelele. Joale monna eo, bosiu, a thoba, a theoha thabeng hoja li robetse, a ba a ea fihla ha habo. Joale ha li tsoha, tsa fumana a se a fihlile motseng oa habo. Eitse ha li e-tla, tsa tšaba lintja, tsa khutla.

Joale monna eo a re : Ichu-u-u ! ke khathetse hakakang ! A re ho mosali oa hae : Ak'u mphe metsi, ke noe. Eaba oa noa. Joale a iqetha khororo ea mokhathala. Eaba o re ho mosali : Ea nka lisu tsa ho besa mollo. Eaba mosali o nka lisu, a besa mollo o moholo. Joale a makha mollo oa lisu. Joale monna a tlamolla mokotlana, a ntša sebete sa nyamatsane, a re : Ke sena sebete sa nyamatsane ; u itse u tla lumela hoba kea u rata, ha ke tsoa bolaea nyamatsane. Joale a re ho eena : U ntše bana ba ka kaofela, ba ee kantle. Eaba oa se besa, sebete sena, a se bea lengetaneng. Joale a re : U se je, u se qete, u se ke ua ba ua fa motho le a mong; le ngoan'a ka le a mong, u se ke ua ba ua mo fa ; u je u 'notši. Eaba mosali oa se ja, oa se qeta.

Ha a se qeta, a nyoroa ; a noa metsi nkhong ea hae, a e qeta. A ea ho mosali e mong, a re : Ngoan'eso, ak'u mphe metsi. A mo khella ka mohope oa sephōko. A noa, a qeta, a re : Ngoa-n'eso, nkhelle hape. Mosali enoa : Ao ! u qeta metsi a bana ba ka. A fetela hape ka lapeng la mosali e mong, a re : Ak'u mphe metsi, ngoan'eso, ke noe ; ke nyoriloe. Ba re : E-ea mane nkhong, u noe. A nka, a a re rii kaofela. Ea ba oatsoa. A ea ka seotloaneng se seng hape, a re: Ak'u mphe metsi, ngoan'eso, ke noe ; ke nyoriloe. Ba re : Ea bona metsi mane nkhong, u noe. A nka nkho, a a re rii hape. Mosali a ea nkhong, a fumana metsi a le sieo kaofela. A le opa, a le re jaa, a re : 'Ma-'nyeo o noele metsi a ka kaofela.

A tsamaea hape, a ken a lapeng le leng, a re : Mphe metsi, ke nyoriloe. Ba re : Mo khelleng. Ba mo khella ka mohope, a qeta, a re : Nkhelleng metsi hape, ke nyoriloe. Ba mo khella, a ba a kōpa la boraro. Ba tsota beng ba lelapa, ba re : Ao, u qeta metsi a rōna. Ba mo nea ka nkho, a a nka hape, a a re rii, a a qeta. A tsamaea ; a 'na a ea le motse, o le moholo, a qela metsi hape ka seotloaneng se seng. Ba re : Metsi ke ane nkhong, noa. A 'na a a qeta. Joale ha a qeta a motse kaofela, a ea selibeng, a fihla, a inamela, a monya seliba, a se qeta. A nyoloha, a ea ho se seng hape ; o ile a se re rii le sona, a se qeta. A fetela ho se seng sa boraro, a se re rii le sona, a se qeta. A ba a qeta liliba tsa motse kaofela.

A ea nōkaneng e pel'a motse ; a fihla, a inama moo nōkana e kenang teng ho e 'ngoe. A noa, a e qeta kaofela. A tsamaea, a ea nōkeng e kholo ; a fihla, a khumama ka mangole, a e noa, a e qeta. A ba a noa le seretse. A inamoloha, a re : Ha ke e-so ho kholoe. A fetela ho e 'ngoe hape, a e noa, a e re rii, a e qeta mosali enoa. Joale a ea letšeng le leholo la liphoofolo, a fihla teng, a inama, a noa. Joale ha a se a qetile letša lena la liphoofolo, a sitoa ho tloha, hobane mpa ea hae e ne e le kholo haholo, e ne e feta le hloho ea hae, e ne e feta'le lithaba.

Joale liphoofolo tsa tla li nyoriloe, li rata ho noa. Tsa fumana hobane metsi ha a eo letšeng la tsona. Joale tsa bona ntho ea tonanahali e lutseng teng letšeng la tsona. Joale eaba motau moholo o re : Na ke mang, ke mang ea lutseng selibeng sa rare moholo ? Motau moholo a boela a eketsa a re : Na ke mang, ke mang ea lutseng selibeng sa rare moholo ? Joale tsa atamela, tsa fumana Mokhali oa Molata. Joale he tsa 'motsa, tsa re : Na u luletse'ng selibeng sa rare moholo ? A ba a araba, a re : Ke re ka re kea tloha, liba se ntšoere. Tsa boela tsa 'motsa, tsa re a tlohe. A re : Ke re ka re kea tloha, liba se ntšoere.

Joale ha thoe ho liphoofolo : Na ke mang ea tla ea phunya ? Ha thoe : Hlolo, phunya. A re : Monghali, kea tsaba. Ha thoe : 'Mutlanyana, phunya. A re : Morena, nka etsa'ng ntho e le kale ? Ha thoe : Letsa, phunya. A re ; Oo ! kea sitoa. Tsa itatola joalo kaofela liphoofolo. Joale kamorao ha phunya 'mutlanyana. Joale a ema, a phunya ka lenala, eaba ho tsoa metsi a mangata, letša la tlala, le linōka, le linōkana, le liliba.

Joale motau moholo a bea molao hore ba se ke ba e-noa, metsi a be a hloeke. Eaba liphoofolo lia khutla, li ea mesimeng ea tsona. Ha thoe ho tla nooa hosasane, ha metsi a hloekile. Joale 'mutlanyana a bona hore benghali ba robetse ; eaba oa tsoha bosiu, o ea noa letseng la motau moholo. Joale 'mutlanyana a tla le seretse, a neta hlolo mangoleng, le molomong, le phatleng, le nkong, le ka mohatleng, hore ho bonoe hobane ke eena ea noeleng metsi bosiu.

Joale hosasane motau moholo a tsoha, a ea pele letšeng la liphoofolo. Joale a hlahloba, a fumana hobane e mong o teng ea lukileng metsi. Joale motau moholo a botsa, a re : Na ke mang, ke mang ea noeleng metsi na? 'Mutlanyana a phakisa a mo araba kapele, ka masene, a thalatsa, a be a se a supa hlolo kapele, a re : Mo talimeng, ke eena ea noeleng metsi a morena. Joale a re : Bonang seretse mangoleng le molomong oa hlolo. Hlolo a mpa a itatola a soabile, a re : Hase 'na ea noeleng metsi. Joale motau moholo a re : Mo tšoareng, le mo shape.

Joale hobane hlolo e tšoaroe, hosasane 'mutlanyana a ithorisa, a re : Ka noa-noa metsi, ka noa-noa metsi, ka re ke hlolo. E mong a mo araba, a re : Utloa ! 'mutlanyana u re'ng na ? 'Mutlanyana ka masene, kapele : Ke re u 'nee melamu ea ka. A boela a eketsa hape, ha ba lebetse, a re : Ka noa-noa metsi, ka noa-noa metsi, ka re ke hlolo. Joale phoofolo e 'ngoe ea re ho motau moholo : Na u utloa se boleloang ke 'mutlanyana na? Joale motau moholo a re : E, ke ntse ke utloa. Joale ba botsa 'mutlanyana, ba re : U ntso u re'ng na ? Eena a re : Ke 'na ke noeleng metsi, ka re ke hlolo. Joale eaba 'mutlanyana o phakisa a baleha ka lebelo. Eaba liphoofolo lia mo phallisa.

Joale 'mutlanyana a bona lepetsonyana, a kena teng kapele, a re chole ka lepetsong, a hlahisa tsebe. Ba tsoatsoile ba tosa tsebe, 'mutlanyana a itšoarella ka lepetsong. Ba mo hlaba ka mamao tsebeng, ba ba ba mo tela, ba khutlela hae. Joale 'mutlanyana a tsoa, a fumana hlolo, a re : Monna, kajeko le 'na ke shapiloe joale ka uena. Joale hlolo a re: Monna, u nkentse hampe, hobane u noele metsi, ua re ke 'na. Joale 'mutlanyana a phakisa a re: Tlo, motsoalle, re tsamaee, ke u rate" tsa bohlale.

Joale ba tsamaea le hlolo ; ba fihla moo mokoti o leng teng. Joale 'mutlanyana a re : Ha re besane. Joale hlolo a re : U ipese pele. Joale 'mutlanyana o na a e-kha moqhinyetsane, a o tšoara. Joale a re : Monna, ha re bese mollo haholo. Joale ba besa sekoti haholo. Joale 'mutlanyana a re ho hlolo : Nkenye. Joale hlolo a nka 'mutlanyana, a mo kenya. Joale 'mutlanyana ha a qala ho utloa mollo o futhumala, a akhela moqhinyetsane. Joale oa qhoma ; joale a re : Hlolo, utloa, ke se ke qhoma ; monna, ntšole kapele. Joale hlolo a mo tsola. Joale 'mutlanyana a kenya hlolo. Joale hlolo a re : 'Mutlanyana, ntšole, kea cha. Eaba 'mutlanyana oa mo ntša. Joale a re : Ak'u bone letlalo la ka le se le sosobane; ke hlolo. Joale 'mutlanyana a re : 'Na, tlalo la ka le thata, ha le sosobane kapele ; re boele re bese haholo, re kene hape.

Eaba hlolo le 'mutlanyana ba eketsa mollo; 'mutlanyana a boela a kenya hlolo. Hlolo o itse ka re : 'Mutlanyana, kea cha, 'mutlanyana a hana ho mo tšola. A cha, a ba a shoa, a tsoa masapong. Joale 'mutlanyana, hoba mollo o time, a kena ka sekoting, a fumana masapo a hlolo. Eaba oa a kuka ho etsa liphala ka 'ona. Joale a re :

Pii, pii, hlolo ke moshemanyana, A mpesa ke se butsoe, ka 'mesa a butsoa.

Eaba nketjoane e re: U re'ng na, 'mutlanyana? Eaba 'mutlanyana o boela a eketsa a re :

Pii, pii, hlolo ke moshemanyane, A mpesa ke se butsoe, ka 'mesa a butsoa.

Joale 'mutlanyana a tholoa ke motau moholo. Eaba o re ho eena: Ntate moholo, ke u lemose kamoo u ka bolaeang nama e ngata kateng ? Motau moholo a re : E. Eaba o re : A re cheke sekoti. Ba se cheka ka sakeng, ba cheka haholo. Eaba o re : Ntate moholo, kena ka teng, u ichoese ka har'a sona, ebe u hlahisa meno kantle. Motau moholo a etsa joaio. 'Mutlanyana a ema holim'a lesaka, a nka phala, are :

Pii, pii, liphoofolo tsohle, tlong le bone, Meno a melile, a melile fatše.

Liphoofolo tsa utloa, tsa tla li matha. A re : Kenang ka sakeng kaofela, ho se ke ha e-ba ea salang kantle. Tsa kena kaofela ; qetellong ha fihla tšoene e pepile ngoana. Ea fihla, ea nka lehlokoa, eaba e hlaba motau moholo ka sebonong ; joale sa flnyela. Tšoene eaba e re :

Ngoan'a ngoan'a ke, tlo ke u pepe,

Mona ke mofu mofinyetsa pere.


Text viewBook